15 Ke tla nahana ditaelo tsa hao, ke imamelle ditsela tsa hao.
15 Ke rata ho nahana ditemoso tsa hao, le ho bea ditsela tsa hao pela mahlo a ka.
Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla.
a mpa a thabela Molao wa Morena, Molao oo a o nahana motsheare le bosiu.
Nthuse, ke tle ke pholohe, ke nne ke thabele ho phetha thato ya hao.
Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo ke ho labalabela melao ya hao.
Ke lala ke fadimehile ka nako tsa bosiu, ke ntse ke nahana tshepiso ya hao.
Leha mahosana a kopane, a kopanetse ho nthera, nna, mohlanka wa hao, ke nahana thato ya hao.
Ke tla hlompha melao ya hao, ke nahane thato ya hao.
Nke ke ka hlajwa ke dihlong, ha ke hlokomela melao yohle ya hao.
Baikgohomosi ba ntubang, ba ntubang ka mashano, ba ke ba hlajwe ke dihlong, empa nna ke tla nahana ditaelo tsa hao.
Molao wa hao ke o rata hakaakang! ke o nahana letsatsi lohle.
Ke hlalefile ho feta bohle ba nthutileng, hobane ke nahana ditemoso tsa hao.
Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.