147 Ke tsoha e sa le ka madungwadungwana, ke lle ho wena, hobane ke tshepile mantswe a hao.
147 Ke raka mafube, ke a howa; ke ntse ke lebeletse dipallo tsa hao.
Pelo ya ka e matlafetse, Modimo; ke tla bina, ke o roke.
Nthuse, ke bue nnete feela, hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao.
Ba o tshabang ba tla mpona, ba mpone ba thabe, hobane ke tshepile lentswe la hao.
Moya wa ka o ngongorehela ho pholoswa ke wena, ke tshepile lentswe la hao.
O e neile se ratwang ke pelo ya yona, ha o a ka wa e hanela kopo e tswang molomong wa yona.
Bodiba bo arabela bodiba ka ho hwasa ha diphororo tsa hao, maqhubu le merallo yohle ya hao e fetile hodima ka.
Wena kgosi ya ka le Modimo wa ka, ako utlwe ha ke llela thuso. Ke rapela wena Morena,
Wena Ya Hodimodimo, mohla ke tshohileng, ke tla tshepa wena.
Pelo ya ka e matlafetse, Modimo, pelo ya ka e matlafetse; ke tla bina, ke o roke.
Na dimakatso tsa hao di tla tsejwa, di tsejwe ke ba leng lefifing, le ho loka ha hao ho tsejwe, ho tsejwe fatsheng la ba lebetsweng?
Morena, wena Modimo, ke wena mopholosi wa ka, ke lla ho wena motsheare le bosiu.
Moya wa ka o o tsetselela bosiu, pelo ya ka le yona e o hlolohetswe haholo. Ha kahlolo tsa hao di phethwa lefatsheng, baahi ba lefatshe ba tla ithuta ho loka.
Yare e sa le ka madungwadungwana, Jesu a tsoha, a tswa, a ya nahathothe, a rapella teng.