Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:145 - BIBELE

145 Morena, ke a ipiletsa, ke ipiletsa ka pelo ya ka yohle, ako nkarabe; ke tle ke phethe thato ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

145 KOF. Ke bitsa ho wena ka pelo ya ka yohle: o nkarabe Jehova, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:145
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Thapelo ya motho ya tsietsing, ya imetsweng, ya hlahisang sello sa hae kapele ho Morena.


Ke o batla ka pelo ya ka yohle; se ntumelle ho kgeloha, ho kgeloha melao ya hao.


Ke ikanne, ke eme ke tiile: Ke tla ya ka kahlolo tsa hao, kahlolo tsa hao tse lokileng.


Tlohang ho nna, lona ba etsang bobe, ke boloke melao ya Modimo wa ka.


Ke tla nne ke boloke Molao wa hao, ke o boloke kamehla le mehla.


Ke o rapela ka pelo ya ka yohle: Ako nkgauhele ho ya ka tshepiso ya hao.


Ke tla phetha thato ya hao, o se ke wa ntahlela ruri.


Pholoho ya ka e tswa ho Modimo, le tlotla ya ka e tswa ho yena, ke yena lefika la ka le matla; Modimo ke setshabelo sa ka.


Ako thabise mohlanka wa hao; ke o rapela ka moya wa ka wohle, Morena.


Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.


Moya wa Anna o ne o tshwenyehile haholo; yaba o rapela Morena, o lla habohloko.


Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ