140 Tshepiso ya hao ke ya nnetenete, mohlanka wa hao o a e rata.
140 Lentswe le hao le hlwekile ka ho fetisa, le ratwa ke mohlanka wa hao.
kahoo ke latela ditaelo tsa hao tsohle, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano.
Ke thabela melao ya hao, mme ke e rata haholo.
Morena o re: “Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi, le la ho dumaela ha mafutsana, jwale ke kena dipakeng; ke tla ba fa pholoho eo ba e hloretseng.”
Dipolelo tsa Morena ke dipolelo tse hlwekileng, di ka silefera e qhibidisitsweng seboping, silefera e hlwekisitsweng hasupa.
Ka thuso ya hao nka thula dira tsa ka, ka thuso ya Modimo wa ka nka tlola lerako.
Molao wa Morena o phethehile, ke mmusapelo; temoso tsa Morena di a tshepahala, di hlalefisa sethoto.
“Polelo tsohle tsa Modimo ke tsa nnete. Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.
Ka hona molao o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.
Ha ke etsa seo ke sa rateng ho se etsa, hona ke ho dumela hore molao o nepahetse.
Bothong ba ka ba moya ke thabela Molao wa Modimo,
Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong,
hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.