Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:14 - BIBELE

14 Ke thabela ho latela ditemoso tsa hao, ho feta maruo wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke ithabela tseleng ya dikeletso tsa hao, jwaloka hoja eka ke ruile maruo kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.


Haleluja! Ho lehlohonolo ya tshabang Morena, ya thabelang melao ya hae haholo.


Ditemoso tsa hao ke lefa la ka la mehla yohle, ke thabo ya pelo ya ka.


Ruri ke rata melao ya hao, ke e rata ho feta kgauta, le hona kgauta e hlwekisitsweng;


Ke thabela tshepiso ya hao, jwaloka ya fumaneng kgapo, kgapo e ngata.


Ke thabela melao ya hao, mme ke e rata haholo.


Ho molemo ho nna ho ba le Molao o tswang ho wena, ho ena le ho ba le diketekete tsa tjhelete ya kgauta le ya silefera.


Lerato la hao le ke le nketele, ke tle ke phele, hobane ke thabela Molao wa hao.


Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho!


“Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ