135 Ako bontshe mohlanka wa hao fahleho se kganyang kgotso, o nthute thato ya hao.
135 O edisetse sefahleho sa hao ho mohlanka wa hao, o nthute dikomelo tsa hao.
O tla rapela Modimo, yena a mo rekolohele, fahleho sa hae a tla se bone a nyakaletse, hobane Modimo o mmuseletsa ho loka ha hae.
ako nthute tseo ke sa di tsebeng, haeba ke entse bokgopo nke ke ka pheta hape;’
ya re rutang ho fetisa phoofolo tsa naha, ya re hlalefisang ho fetisa nonyana tse fofang?’
“Modimo o phahametse bohle ka matla a hae; moruti ke ofe ya tshwanang le yena?
Ho bokwe wena Morena; ako nthute thato ya hao.
Ke o boleletse metsamao ya ka, wa nkaraba; ako nthute thato ya hao.
Nyehelang ka mahlabelo ka mokgwa o lokelang, le nyehele ka wona, le tshepe Morena.
Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”.
Jwale ha re sa tla hlola re o furalla, ako boele o re phedise, re tle re rapele lebitso la hao.
ako iponahatse ho Efraime, le ho Benjamine, le ho Manase. Bontsha matla a hao, o re pholose.
O re entse sesosa sa ditsekisano tsa bao re ahisaneng le bona, dira tsa rona di a re soma.
Yaba o ba bula dikelello hore ba utlwisise Mangolo.