131 Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo ke ho labalabela melao ya hao.
131 Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo; hobane ke jewa ke takatso ya ditaelo tsa hao.
Ba ne ba ntebella sa ha ho lebellwa pula, polelo tsa ka di thopothela sa pula ya selemo.
a mohlanka ya labalabelang moriti, a mohiruwa ya lebeletseng moputso;
Ke thabela tshepiso ya hao, jwaloka ya fumaneng kgapo, kgapo e ngata.
Morena, ke lakatsa ho pholoswa, ho pholoswa ke wena; Molao wa hao ke thabo ya ka.
Moya wa ka o ngongorehela dikahlolo tsa hao ka nako tsohle.
Ke lakatsa ditaelo tsa hao; ako nnee bophelo ka ho loka ha hao.
Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
Ho se be le modimo osele haeno, o se kgumamele modimo wa baditjhaba.
Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.
Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong,