Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:124 - BIBELE

124 Tshwara mohlanka wa hao hantle ho ya ka mohau wa hao, o nthute thato ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

124 O etse ho mohlanka wa hao ka mohau wa hao, o nthute dikomelo tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:124
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa ba romela Moya wa hao o molemo ho ba ruta, wa se ke wa ba tima manna a hao, wa ba fa metsi ho tlosa lenyora.


Ha a re otle ho ya ka dibe tsa rona, ha a re putse ho ya ka melato ya rona.


Ho bokwe wena Morena; ako nthute thato ya hao.


Retelehela ho nna, o nkgauhele, jwalokaha ho lokela ba ratang lebitso la hao.


Ke o boleletse metsamao ya ka, wa nkaraba; ako nthute thato ya hao.


Morena, ako ntshitse ka mohau wa hao, o mpholose ho ya ka tshepiso ya hao;


Ako nnee bophelo ka mohau wa hao, ke latele ditemoso tse tswang ho wena.


Iseraele a ke a lebelle Morena, hobane Morena o mohau, o na le topollo e kgolo.


Morena, molemo wa hao o mokaakang! O o boloketse ba o tshabang; pontsheng ya bana ba batho o o etsetsa ba tshabelang ho wena.


Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke ya Davida,


Ba dulang kgorong tsa motse ba bua ka nna, matahwa a qapile dipina ka nna.


Ke se ke ka nkwa ke morallo wa metsi, ka metswa ke bodiba, ka kometswa ke lebitla.


O se ke wa re balla melato, melato ya bo-ntata rona, o mpe o re kgahlanyetse kapele, o re kgahlanyetse ka lerato la hao, hobane re nyenyefaditswe haholo.


Oho, Modimo wa ka, ako sekehe tsebe, o mamele; ako tadime, o bone tshenyeho ya rona le ya motse ona o bitswang ka lebitso la hao. Dithapelo tsa rona ha re di lebise ho wena hobane re lokile, empa ke ka baka la ho tshepa mohau wa hao o moholo.


“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ