Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:12 - BIBELE

12 Ho bokwe wena Morena; ako nthute thato ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O bokwe, Jehova! Nthute dikomelo tsa hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, amohela diteboho tse tswang molomong wa ka, o nthute dikahlolo tsa hao.


Tshwara mohlanka wa hao hantle ho ya ka mohau wa hao, o nthute thato ya hao.


Ako bontshe mohlanka wa hao fahleho se kganyang kgotso, o nthute thato ya hao.


Morena, nthute ho tsamaya ho ya ka thato ya hao, ke tle ke e latele ho isa qetellong.


Lefatshe lohle le tletse mohau wa hao, Morena; ako nthute thato ya hao.


Nthute bohlale le tsebo, hobane ke tshepa melao ya hao.


Wena o molemo, o etsa tse molemo; ako nthute thato ya hao.


Nthute ho phetha thato ya hao, hobane ke wena Modimo wa ka. Moya wa hao o motle o ke o ntsamaise, o ntsamaise tseleng e bataletseng.


Nthute tsela ya hao Morena, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao; tataisetsa pelo ya ka tshabong ya lebitso la hao.


Yaba o ba bula dikelello hore ba utlwisise Mangolo.


empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.


Ka nako ya teng o tla bonahatswa ke ya lehlohonolo, ya matla a inotshi, Kgosi ya dikgosi, le Morena wa Marena,


Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ