Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:112 - BIBELE

112 Ke rerile ka pelong ya ka ho phetha thato ya hao kamehla, ho e phetha ho isa qetellong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

112 Ke sekamisitse pelo ya ka, e tle e ye ka dikomelo tsa hao kamehla, ho isa qetellong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:112
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ke a sokollele dipelo tsa rona ho yena, re tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, re boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bo-ntata rona.


Leha ho le jwalo, o entse ho hong ho lokileng: O tlositse ditshwantsho tsa Ashera naheng ena, mme o itokiseditse ho sebeletsa Modimo.”


Esera o ne a ithutile Molao wa Morena, a o phetha, a ruta Baiseraele melao le ditaelo tsa Morena.


Morena, nthute ho tsamaya ho ya ka thato ya hao, ke tle ke e latele ho isa qetellong.


Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao, ho ena le ho rata maruo.


Ke tla nne ke boloke Molao wa hao, ke o boloke kamehla le mehla.


pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona.


Ke tiiseditse tseleng ya Morena, ha ke a etsa bokgopo, ka arohana le Modimo wa ka.


wa sekehela bohlale tsebe, pelo ya hao ya labalabela ho ba le kutlwisiso;


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”


Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.


O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ