Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:110 - BIBELE

110 Ba kgopo ba ntjhehetse leraba, empa ha ke kgelohe ditaelo tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

110 Ba babe ba ntjhekela mamena, empa ha ke kgelohe ditemoso tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:110
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke o batla ka pelo ya ka yohle; se ntumelle ho kgeloha, ho kgeloha melao ya hao.


O kgalemela baikgohomosi, baikgohomosi ba rohakehileng, ba kgelohang melao ya hao.


Baikgohomosi ba ntlaka haholo, empa ha ke furalle Molao wa hao.


Baikgohomosi ba ntjheketse mamena; bona ba sa yeng ka Molao wa hao.


Ba batile ba ntlosa lefatsheng, empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao.


Ba kgopo ba ntaletse hore ba ntimetse, empa ke hlokometse ditemoso tsa hao.


Morena, ako nnamolele, o nnamolele diatleng tsa ba babe, o ntshireletse ho batho ba sehloho, ba rerang hore ke kgothometsehe.


Nqobise sefi seo ba ntjhehileng ka sona, le mamena a ba etsang tse sa lokang.


Ba batlang bophelo ba ka, ba ntjhehile ka maraba, ba ntakaletsang bomadimabe, ba ntherela timelo, tsatsi lohle ba ntohela mano.


Ba tjhehile maoto a ka ka leraba, mme moya wa ka o siame; ba ntjheketse lemena, empa ke bona ba wetseng ka ho lona.


Ba tlisetse batupi ka ho panya ha ntshi, seboko se utlwahale malapeng a bona, hoba ba ntjheketse lemena ke tle ke wele ka ho lona, ba tjhehetse maoto a ka leraba, ba le patile.


Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ