Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:11 - BIBELE

11 Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Amohela thuto e tswang molomong wa hae, polelo tsa hae o di boloke ka pelong ya hao.


a mpa a thabela Molao wa Morena, Molao oo a o nahana motsheare le bosiu.


Molao wa hao ke o rata hakaakang! ke o nahana letsatsi lohle.


Empa ke mang ya ka elellwang diphoso tsa hae? Ako ntokolle ho tseo ke sa di tsebeng.


Molao wa Modimo wa hae o ka pelong ya hae, maoto a hae ha a thelle.


Ke moo ke ileng ka re: “Bona, ke a tla. Ho ngotswe ka nna Bukeng ya Molao:


Mora wa ka, ha o ka mamela polelo tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka;


“Lona ba tsebang se lokileng, mamelang! Lona tjhaba se tsebang molao wa ka, tjhaba seo molao wa ka o leng ka pelong tsa sona: Le se ke la tshaba ha batho ba le nyefola, kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.


Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho!


ha e le Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di lohotha pelong ya hae.


A theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a nna a ikokobetsa tlasa bona. Mmae a boloka ditaba tseo tsohle ka pelong ya hae.


Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ