Na ke bahlanka ba Kreste? Ke bua jwaloka lehlanya, ke re: Ke a ba feta! Ke sebeditse ka thata ho ba feta, ke bile tjhankaneng hangata ho ba feta, ka shapuwa haholo ho ba feta, mme ka makgetlokgetlo ke bile ntshing tsa lefu.
E ile yare ha ke bona hore ha le mphallele, yaba ke a itela, ke tshelela ho Baamone, mme Morena a neelana ka bona matsohong a ka. Jwale ke hobaneng ha le mphutuhela kajeno?”
O ile a ipea kotsing, a bolaya Mofilesita, mme ka yena Morena a namolela Baiseraele bohle ka mokgwa o hlollang. Le wena o bone, wa ba wa thaba. Jwale ke ka baka lang ha o rata ho sitelwa madi a se nang molato ka ho bolaya Davida ntle ho lebaka?”
Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: ‘Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko.’ Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”