Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:103 - BIBELE

103 Ditshepiso tsa hao di latsweha hamonate hakaakang! Di feta mahe a dinotshi ka hanong la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

103 Lentswe la hao le monate hakakang mahalapeng a ka, le fetisa dinotshi molomong wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:103
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.


Ho tshaba Morena ke ntho e molemo, e ke keng ya fetoha ho isa kgale; dikahlolo tsa Morena ke tsa nnete, kaofela ha tsona di lokile.


Di kgahleha ho feta kgauta, ho feta le kgauta e hlwekisitsweng haholo; di monate ho feta mahe a dinotshi, mahe a rothang kgekgeng ya tsona.


Ke tla o boka ha ke ntse ke phela, ke phahamise matsoho a ka, ke a phahamisetse ho wena.


hobane bohlale bo tla kena pelong ya hao, tsebo e be boithabiso, boithabiso ba pelo ya hao.


Tsela tsa bona di a kgahleha, moo bo tsamayang teng ho rena kgotso.


“Bohlale bo molemo ho feta mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona.


Ke tlile rapeng sa ka, wena kgaitsedi, monyaduwa wa ka, ke ikgeletse mmira, mmoho le dinoko tsa ka; ke jele mahe a dinotshi, mmoho le kgekge ya wona, ke nwele veine ya ka le lona lebese la ka. Jang, le nwe, lona metswalle, le nwe haholo, lona baratuwa!


Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, eja buka ena eo ke o neang yona, mme o tlatse mala a hao ka yona.” Yaba ke a e ja; ka utlwa e le monate jwaloka mahe a dinotshi.


Ka nka bukana eo e letsohong la lengeloi, ka e ja. Ka hanong e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi, empa yare hoba ke e kwenye, ya mpabela ka maleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ