Ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le setjhaba sena, e leng selekane sa hore ha nka ke ka kgaotsa ho se etsetsa tse molemo. Ke tla etsa hore se ntshabe ka dipelo tsa sona tsohle, e le hore se se hlole se mphuralla.
Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.
Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.
Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.