Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 118:6 - BIBELE

6 Morena o na le nna, ha ke tshabe letho; motho a ka nketsang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jehova o nkemetse; ha ke tshabe letho, motho a ka nketsang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 118:6
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

pelo ya hae e tiile, ha a tshabe letho, o tella ba mo lwantshang.


Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae; eo Morena Modimo wa hae, e leng tshepo ya hae.


Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi, nke ke ka tshaba bobe, hobane o na le nna, lere la hao le molamu wa hao di a nkgothatsa.


Sefela sa bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: Se binwe ka lentswe le lesesanyane.


“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”


Ha ke ipiletsa ho wena, dira tsa ka di tla tjhetjha. Ke a tseba hore Modimo o na le nna.


Ke rorisa Modimo hobane ke a mo tshepa, ke rorisa Morena hobane ke a mo tshepa.


Ke tshepile Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang?


Wena Ya Hodimodimo, mohla ke tshohileng, ke tla tshepa wena.


Ke rorisa Modimo, hobane ke a mo tshepa, ke tshepa Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang?


O tseba ho lelera ha ka, o kgakeleditse meokgo ya ka, o e kgakeleditse ka lefiswana; na tsee ha di a ngolwa bukeng ya hao?


Ke mang ya tla ntshireletsa ho ba kgopo? Ke mang ya tla mpuella ho ba bolotsana?


“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?


Empa Morena o na le nna, o matla, o a tshabeha, kahoo bahlorisi ba ka ba tla kgothometseha. Ha ba ka ke ba ba ba hlola, ba tla hlajwa ke dihlong haholo, merero ya bona e ke ke be ya atleha, le dihlong tsa bona di ke ke be tsa lebalwa.


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?”


Ha Saule le Baiseraele bohle ba utlwa mantswe a Mofilesita eo, ba tshoha, ba tshaba haholo.


Davida a boela a re: “Morena ya nnamoletseng marong a tau, le marong a bere, o tla nnamolela matsohong a Mofilesita enwa.” Yaba Saule o re ho Davida: “Tsamaya, Morena o tla ba le wena!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ