19 Mpuleleng menyako ya Tempele, ke tle ke kene ka yona, ke boke Morena.
19 Mpuleleng menyako ya ho loka; ke tla kena ka yona, ke roke Jehova.
Kenang dikgorong tsa hae le ntse le mmoka, le mabaleng a hae le ntse le mo rorisa; mo leboheng, le boke lebitso la hae.
Binelang Modimo, rokang lebitso la hae, lokisang tsela ya ya kaletseng maru. Lebitso la hae ke Morena, nyakallang mahlong a hae.
A re itlhahiseng kapele ho yena, re itlhahise ka teboho, re mo rokeng ka mehoo ya thabo.
Bulang menyako ya motse, tjhaba se lokileng se kene, tjhaba se tshepahalang se kene.
Morena ke yena ya tla mpholosa; ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, re tla mminela ka diletsa tse nang le dikgwele, re mminele re le ka Tempeleng ya hae.”
Hesekiya a botsa, a re: “Pontsho ya hore ke tla nyolohela Tempeleng ya Morena e tla ba efe?”
“Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.