Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 118:15 - BIBELE

15 Metlotlwaneng ya ba lokileng, ho utlwahala ditlatse tsa tlholo, ho thwe: “Letsoho le letona la Morena le sebeditse tse matla,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mehoo ya dipina tsa hlolo le tsa topollo di duma ditenteng tsa ba lokileng, ba re: Letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 118:15
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mesebetsi ya Morena e meholo, e fuputswa ke bohle ba e thabelang.


Ditemoso tsa hao ke lefa la ka la mehla yohle, ke thabo ya pelo ya ka.


Thato ya hao ke pina ho nna, fatsheng lena leo ke leng mofeti ho lona.


Thabelang Morena, le nyakalle, le nyakalle lona ba lokileng; le etse ditlatse, lona ba pelo di ntle.


O ile wa leleka ditjhaba, hore o tle o ba bee naheng ya tsona; wa etsa merabe hampe, hore ba tle ba namele hohle.


Wena mohale, tlamella sabole ya hao qholong; ka hlompho le ka botlotlehi ba hao,


Empa bohle ba tshabelang ho wena ba ke ba thabe, bao o ba sireletsang ba se kgaotse ho etsa ditlatse, bohle ba ratang lebitso la hao ba o nyakallele.


ha e le moo wena, Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona?


Ba nyamele jwalokaha mosi o nyamela, jwalokaha tshotso e qhibidihiswa ke mollo, ba kgopo ba timela jwalo, ba timela jwalo mahlong a Modimo.


Leboya le borwa ke wena ya di hlodileng, Tabore le Heremone di etsetsa lebitso la hao ditlatse.


Pesalema. Binelang Morena sefela se setjha, hobane o entse dimakatso, o hlotse ka letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang.


“Morena, tsoho la hao le letona le tlotlisitswe ka matla, Morena, tsoho la hao le letona le thuankantse sera.


Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “Bahlanka ba ka ba tla kgora, empa lona le tla lapa; bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.


O entse tse matla ka tsoho la hae, a qhalanya baikgohomosi le mehopolo ya bona;


A ba isa tlung ha hae, a ba fepa, a nyakalla le ba lelapa la hae bohle, kahobane ba dumetse ho Modimo.


Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.”


Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ