Ba kgannelwa Nqalong ya Bafu jwaloka dinku; lefu e tla ba modisa wa bona. Ba tla theohela lebitleng, sebopeho sa bona se tla senyeha; Nqalo ya Bafu e tla ba leaho la bona.
Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.
“Eya, o bolelle Hesekiya, o re: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.
O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”