Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 116:17 - BIBELE

17 Ke tla o nyehella ka sehlabelo sa teboho, mme ke rapele lebitso la Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke tla o hlahisetsa sehlabelo sa teboho, ke rapele lebitso la Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 116:17
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nyehele ka mahlabelo a teboho, ba tumise mesebetsi ya hae, ba e tumise ka mehoo ya thabo.


Ke tla nyehela ka mohope, hobane ke pholositswe, mme ke rapele lebitso la Morena.


Nyehella Modimo ka sehlabelo sa teboho, phetha dikano tsa hao ho Ya Hodimodimo.


“ ‘Ha sehlabelo e le sa teboho, motho a se tlise se ena le maqebekwane a sa lomoswang, a dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le dikuku tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole.


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.


Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.


Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku.


Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ