Leha moetsadibe a ka etsa bokgopo halekgolo, yaba o phela halele, feela ke tseba hantle hore ba tshabang Modimo, ba mo hlomphang, ke bona ba tla phela hamonate.
Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.
Ka fumana thuso ya Modimo, ho fihlela ka letsatsi lena ke ntse ke eme ho paka ho ba baholo le ba banyenyane, ho se letho leo ke le bolelang ntle ho tseo baporofeta le Moshe ba itseng di tla etsahala;
Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.
Baditjhaba ba ile ba halefa, jwale ha fihla kgalefo ya hao, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho putsa bahlanka ba hao, baporofeta, le bahalaledi, le bohle ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo; le nako ya ho timetsa ba timetsang lefatshe.”
Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.