“Wa ba fepa ka bohobe ba lehodimo ha ba lapile, wa ba fa metsi a tswang lefikeng ha ba nyorilwe, wa ba laela hore ba kene, ba ikgapele naha eo o neng o hlapanye hore o tla ba nea yona.
Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe. O tle o otle lefika leo. Metsi a tla tswa ho lona, mme setjhaba se tla nwa.” Moshe a etsa jwalo moo baholo ba setjhaba sa Iseraele ba ntseng ba bona.
Yaba Moshe o phahamisa letsoho la hae, mme ka molamu wa hae a otla lefika habedi. Metsi a phorosela a le mangata, mme setjhaba sa enwa, le diphoofolo tsa sona tsa enwa.
Ke yena ya le tsamaisitseng lehwatateng le leholo, le tshabehang, moo ho nang le dinoha tse mahloko a bohale, le diphepheng; le naheng e omeletseng, moo ho neng ho se na metsi, empa a le fa metsi a tswang lefikeng la morallana.