Ke tle le etsa setjhaba sa ka, mme ka tla ba Modimo wa lona; le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona, yena ya le imolotseng mejaro ya Baegepeta.
Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla.”
“Ha le se le tshetse Jorodane, merabe ena, e leng ya Simeone, le ya Levi, le ya Juda, le ya Isakare, le ya Josefa, le ya Benjamine, e tla ema hodima thaba ya Gerisime, e hlohonolofatse setjhaba sena.
Moshe, a ena le baprista, e leng Balevi, a bua le Baiseraele bohle, a re: “Tsie lala! Mamelang, lona Baiseraele! Ka letsatsi lena le se le le setjhaba sa Morena Modimo wa lona.
“Lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. Morena Modimo wa lona, o le kgethile hore le be setjhaba seo e leng sa hae hara ditjhaba tsohle tse teng lefatsheng.
Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.