8 a mo dudise le mahosana, le mahosana a setjhaba sa habo.
8 a tle a ba dudise le mahosana, e, le mahosana a setjhaba sa hae.
Faro a re ho Josefa: “Bona, ke o beile hodima naha yohle ya Egepeta.”
Ba lokileng ha a kgaotse ho ba hlokomela, o ba bea le dikgosi hodima diterone; o ba bea teng, a ba phahamise kamehla yohle.
Ba tliswa ka thabo le nyakallo, ba kena ka tlung ya kgosi.
“Dikgosi le mabotho a tsona di balehile, di balehetse ruri!” Basadi ba setseng hae ba arola tse hapilweng.
Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona.