Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 113:5 - BIBELE

5 Ke mang ya kang Morena, Morena Modimo wa rona, ya dutseng teroneng, teroneng e hodimodimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke mang ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona? O ahile nqalong tse hodimodimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 113:5
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o beile terone ya hae, o e beile mahodimong, tsohle di tlasa puso ya hae.


Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.


Masapo a ka wohle a tla re: “Morena, ke mang ya kang wena, wena molopolli wa mohlophehi ho ya mo fetang ka matla, le wa mohlophehi le mofutsana, ho ya mo tlatlapang?”


Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Ke mang, mahodimong, ya ka lekanngwang le Morena? Ke mang ya tshwanang le Morena, hara bara ba Modimo?


Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare.


Morena, Modimo wa mabotho, ke mang ya kang wena? Morena, wena ya matla, botshepehi ba hao ke kobo ya hao.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


Ka mohau terone e tla tsitsiswa, ya tla e dula a e dule ka botshepehi, e leng e mong wa leloko la Davida, ya tla ahlola ka toka, a thahaselle ho loka.


Jwale Modimo le ka mo lekanya le mang? Hona le ka re o tshwana le mang?


“Jwale le ka ntekanya le mang? La re thaka ka yena ke mang?” ho rialo Ya Halalelang.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Ha ho ya tshwanang le wena Morena, wena o moholo, bitso la hao le leholo, le matla.


“Ha ho ya kang Modimo wa Jeshurune, ya kallang mahodimo ho tla le thusetsa, ya tlang ka tlotla ya hae a le hodima maru.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ