O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
Ya kila metha metsi a lewatle ke mang, a a metha ka seatla sa hae? Ya kila seha moedi wa mahodimo ke mang, a o seha ka seatla sa hae? Ya kila kga role la lefatshe ka sethoto ke mang? Ya kila bea dithaba le maralla, a di bea sekaleng, ke mang?
“Dipontsho tsa hae ke tse kgolo hakaakang! Dimakatso tsa hae di hlolla hakaakang! Mmuso wa hae ke wa mehla le mehla, puso ya hae e akaretsa meloko yohle!
Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.
Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.