Empa wena Morena mabotho, wena ya hlahlobang ba lokileng, wena ya bonang botebo ba dipelo tsa batho, a nke ke bone ha o iphetetsa hodima bona, hobane nyewe ya ka ke e beile kapele ho wena.
Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”
O tla dula fatshe jwaloka ya tshekang, a hlwekisa silefera. O tla hlwekisa Balevi, a ba tsheke jwaloka kgauta le silefera, ba tle ba tlisetse Morena dinyehelo tse lokelang.
Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,