Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 109:25 - BIBELE

25 Ke fetohile sekgobo ho baqosi ba ka, ha ba mpona ba ntshisinyetsa dihlooho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ke neetswe ditshomo tsa bona, ha ba ntadima ba sisinya dihlooho tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 109:25
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoja boemo ba ka e ne le ba lona, ke ne nka nna ka bua jwaloka lona, ka puo tse ngata ka le tlameletsa, ka ba ka thukuthela hlooho ya ka ho lona.


Bohle ba mponang ba a ntshoma, ba nnyekoletsa melomo, ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:


“Moradi wa Sione, wa morwetsana, o o nyedisitse, a o ja tlepane; Moradi wa Jerusalema o o thukuthela hlooho.


Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho, ba re: “Aha! Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo,


Le Kreste ha a a ka a ikgahlisa, empa ho bile jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Dinyefolo tsa ba o nyefolang, le nna di nkwetse hodimo.”


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


Kahoo a re mo kgahlanyetseng kantle ho diahelo, re ntse re jere sekgobo sa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ