Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 109:23 - BIBELE

23 Ke ikela jwaloka meriti e theang, ke fefolwa jwaloka tsie.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ke ikela jwaloka moriti o otlolohang, ke akgelwa hohle ke moya jwaloka tsie.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 109:23
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.


o fupuha jwaloka palesa a be a pone, o baleha jwaloka seriti, ebe o nyametse.


Ditshiu tsa ka di tshwana le meriti e theang, ke omella jwaloka jwang.


Motho o tshwana le lefeela, ditshiu tsa hae di jwaloka moriti o fetang.


Moshe a phahamisetsa molamu wa hae hodima naha ya Egepeta, mme Morena a fokisa moya wa botjhabela hodima lefatshe, letsatsi lohle le bosiu bohle. Ha bo esa, moya wa botjhabela wa tlisa ditsie.


Yaba Morena o tsosa moya wa bophirimela, o matla haholo; wa fefola ditsie, wa ya di thesemetsa Lewatleng la Lehlaka, mme ha se ke ha sala tsie leha e le nngwe feela naheng yohle ya Egepeta.


Ke mang ya ka tsebang se molemo ho motho bophelong boo bo bokgutshwanyane, boo a fetang ho bona jwalokaha eka ke seriti? Ke mang ya ka mmolellang se tla etsahala moo lefatsheng ha yena a se a iketse?


Empa ya kgopo a ke ke a phela hamonate, le matsatsi a bophelo ba hae a ke ke a lelefala jwaloka seriti, hobane yena ha a tshabe Modimo.


Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ