Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 109:22 - BIBELE

22 Ke mohlophehi, ke mofutsana, pelo ya ka e thulame ka sefubeng sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 o mpoloke, hobane ke ya madimabe le ya lesitsi, mme pelo ya ka e hlabehile kahare ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 109:22
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”


Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko!


Ditshiu tsa ka di fela jwaloka mosi, masapo a ka a tjha sa patsi mollong.


Motho eo ha a a ka a hopola, a hopola ho ba mohau, empa a hlorisa mohlophehi, a hlorisa le mofutsana, a tle a bolaye ya tepeletseng pelo.


Ba nnile ba o llela, mme ba phonyoha; ba o tshepa, mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.


Retelehela ho nna, o nkgauhele, hobane ke nnotshi, mme ke hlophehile.


Bohle ba o batlang ba ke ba nyakalle, ba o thabele. Ba ratang ho pholoswa ke wena, ba nne ba re: “Morena o moholo!”


Thapelo ya Davida. Morena, ako ntshekehele tsebe, o nkarabe, hobane ke hlophehile, ke futsanehile.


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”


Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.


“Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: ‘Ntate, o mpholose nakong ena?’ Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena.


Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ