1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Modimo, wena eo ke o rorisang, o se ke wa kgutsa,
1 Oho Modimo oo ke o rorisang, o se ke wa ikgutsetsa!
O Modimo wa ka, ke a o boka; o Modimo wa ka, ke a o tlotlisa.
Pesalema ya Davida. Ke ipiletsa ho wena Morena; Lefika la ka, ntshekehele tsebe, esere ha o sa mmamele, ka ba jwaloka ba theohelang, ba theohelang lebitleng.
Pesalema ya Asafo. Sefela.
Oho, Modimo, o se ke wa ipha tshwea; se kgutse, Modimo, se kgobe matshwafo.
Morena ke matla a ka, le thoko ya ka; ke yena ya mpholositseng, ke Modimo wa ka, mme ke tla mo rorisa, ke Modimo wa ntate, mme ke tla mo tlotlisa.
“Ke kgale ke kgutsitse, ke thotse, ke itshwere, empa jwaloka mosadi ya bohlokong ba pelehi ke tla howeletsa ke bipetsane, ke fehelwa.
Mphodise, Morena, mme ke tla fola, mpholose, Morena, mme ke tla pholoha, hobane ke wena eo ke mo rorisang.
Ke yena thoriso ya lona, ke yena Modimo wa lona, ya le etseditseng dintho tsena tse kgolo, tse tshabehang, tseo le di boneng.