4 Morena, ke tla o boka hara ditjhaba, ke o roke hara merabe;
4 Hobane mohau wa hao o phahame hodimo ho mahodimo, mme nnete ya hao e fihla marung.
“Ka baka leo, ke tla o boka hara ditjhaba, ke roke lebitso la hao, Morena.
Jwalokaha mahodimo a phahametse lefatshe, le mohau wa Modimo o moholo, o moholo hakaalo ho ba mo tshabang.
Morena o phahametse tjhaba tsohle, tlotla ya hae e okametse mahodimo.
O rera bokgopo a ntse a le phateng tsa hae, o tsamaya tseleng e sa lokang, ha a kgese bobe.
Ruri ho pholosa ha hae ho haufi le ba mo tshabang, e le hore tlotla ya hae e tle e ahe fatsheng la rona.
Ke tla bina tsa mohau wa Morena, ke di bine kamehla, ka molomo wa ka ke tla tsebisa meloko yohle botshepehi ba hao;
‘Ke tla etsa hore leloko la hao le hlole kamehla yohle, ke tiise terone ya hao melokong yohle.’ ”
“Jwalokaha lehodimo le phahametse lefatshe, tsela tsa ka le tsona di phahametse tsa lona, le mehopolo ya ka e phahametse ya lona.