3 Tsoha moya wa ka, tsohang, lona thomo le harepa; ke tla tsoha mafube a eso hlahe.
3 Ke tla o rorisa, Jehova, hara merabe, ke o binele hara ditjhaba.
Rorisang Morena, lona ditjhaba tsohle, mo tlotliseng, lona merabe yohle;
Mpholose ditleneng tsa tau; nna ya fokolang mpholose nakeng tsa dinare.
Ba eisehang ba tla ja, ba kgore, ba batlang Morena ba tla mo rorisa; pelo tsa bona di ke di thabe kamehla.
Ereng ho baditjhaba: “Morena ke kgosi, o tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha; o ahlola ditjhaba ka ho loka.”
Wena Moradi wa Sione, bina haholo! Wena Iseraele, howeletsa haholo! Wena Moradi wa Jerusalema, thaba haholo, ka pelo ya hao yohle, nyakalla haholo!
Mohla tsatsi leo ke tla le kgobokanya, ke le kgobokanye, le kgutlele hae. Thabo le tlotla di tla le aparela, le le hara tjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke le kgutlisetsang ha habo lona, ke le kgutlisa le ntse le tadimile,” ho rialo Morena.