Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 107:4 - BIBELE

4 Ba ne ba phaila lefeelleng, ba phaila lehwatateng, ba sa fumane tsela e yang motseng oo ba ka ahang ho wona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba nnile ba solla feelleng, nahathothe, ba sa fumane motse wa ho aha;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 107:4
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

babusi ba ditjhaba a ba amohe meelelo, a ba lelerise mahwatateng ho se na tsela,


A theolela nyediso ho mahosana, a a sollisa lehwatateng moo ho seng tsela.


Jwalokaha modisa a batla dinku tsa hae ha a fumana di qhalane, le nna ke tla batla dinku tsa ka jwalo. Ke tla di phutha hohle moo di qhalanetseng teng mohla maru a kwahetseng, ho le lefifi.


Dinku tsa ka di solla kahohle dithabeng le maralleng; mohlape wa ka o qhalane kahohle lefatsheng, mme ha ho ya o batlang, leha e le ho o batlisisa.


Bana ba lona ba tla lelera lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ka baka la ho se tshepahale ha lona, ho fihlela ditopo tsa lona di timellela lehwatateng.


“Jwale kgalefo ya Morena ya tlokomela Iseraele, mme a ba lelerisa lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ho fediswa moloko wohle o neng o etse bokgopo moo Morena a ntseng a bona.


“A na a mo fumana a lelera lehwatateng, feelleng le bodutu la dipukupuku; a mo sireletsa, a mo baballa, a mo hlokomela seka thaka ya leihlo.


Ke yena ya le tsamaisitseng lehwatateng le leholo, le tshabehang, moo ho nang le dinoha tse mahloko a bohale, le diphepheng; le naheng e omeletseng, moo ho neng ho se na metsi, empa a le fa metsi a tswang lefikeng la morallana.


E ne e le batho bao lefatshe le sa ba tshwaneleng. Ba ile ba lelera mafeelleng le dithabeng, mahaheng le matsabeng a lefatshe.


Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ