Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 107:37 - BIBELE

37 Ba jala masimong, ba lema morara, kotulo ya eba kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ba itjalla dithite, ba hloma merara, mme ba eja ditholwana tse behwang ke yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 107:37
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Isaka a lema naheng eo, mme ka sona selemo seo a kotula halekgolo. Morena a mo hlohonolofatsa,


“Sena e tla ba pontsho ho wena: “Monongwaha le tla ja matshwabodi, isao le je tse tswalwang ke dirite; ka sa boraro le tla jala le kotule, le hlome morara, le je tholwana tsa wona.


Ba tla haha matlo, mme ba phele ho wona; ba tla lema morara, ba je tholwana tsa wona.


‘Ikgaheleng matlo, le itulele ho wona; itemeleng dirapa, le itjelle tse melang ho tsona.


Thabeng tsa Samaria o tla boela o lema morara, balemi ba o leme, ba je tholwana tsa wona.


Ba tla phela teng ka kgotso, ba hahe matlo, ba leme masimo a morara. E, ba tla phela teng ka kgotso ha ke se ke ahlotse bohle ba ahelaneng le bona, ba neng ba ba nyedisa. Kahoo ditjhaba tseo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa tsona.’ ”


“Tjhai e tla ba kgolo, morara o behe haholo, mobu o atlehise dijalo, mahodimo a nese pula e ngata. Ke tla sitsa masalla a setjhaba sena ka dintho tsena tsohle.


Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”


Ka hona ya lemang hase letho, le ya nwesetsang hase letho, empa eo e leng letho ke Modimo ya medisang.


Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ