Morena Modimo wa rona, ako re pholose; o re phuthe, o re ntshe ditjhabeng, re tle re boke lebitso la hao, lebitso la hao le halalelang, re o rorise re le motlotlo.
Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena: “Ke sa tla boela ke mo kgutlisetsa ba bang, ntle ho bao ke seng ke ba kgutlisitse.”
Le tla mphumana,’ ho rialo Morena, ‘mme ke tla le kgutlisa bothopuweng. Ke tla le phutha ditjhabeng tsohle le dinaheng tsohle tseo ke le leleketseng ho tsona,’ ho rialo Morena, ‘ke le kgutlisetse sebakeng seo ke neng ke le nke ho sona, ka le isa bothopuweng.’
“Lona ditjhaba, utlwang lentswe la Morena, le le phatlalatse ho ya fihla mabopong a hole, le re: ‘Ya qhalantseng Baiseraele o tla boela a ba phutha, a ba alose sa modisa a alositse mohlape.’
Ke tla a tlisa a etswa naheng e ka leboya, ke a phuthe ho tloha pheletsong tsa lefatshe, ke phuthe difofu ke be ke phuthe dihlotsa, le basadi ba baimana ba kgatheng la ho beleha, ba kgutlele kwano e le letshwelehadi.
Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona ka letsoho la ka le matla, le otlolohileng, ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima lona.
Morena Modimo wa lona, o tla le kgutlisa bothopuweng, a le hauhele, mme a boele a le phuthe ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le qhalanyeditseng hara tsona.
Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re: “Ho a o lokela ho nka buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona, hobane o ile wa hlajwa, mme ka madi a hao wa lopollela Modimo batho ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle.