Ke tla tsamaisa difofu ka tsela eo di sa e tsebeng, ke di tataise tseleng eo di sa e tlwaelang; lefifi ke tla le fetola lesedi kapele ho tsona, ke batalatse baka tse makukuno. Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa, mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.
Ho batshwaruwa o tle o re: ‘Tswang!’ Ho ba lefifing o re: ‘Tswelang leseding!’ Ba tla fula kathoko ho ditsela, ba fule jwaloka dinku, makgulo a bona a be maralleng wohle.
Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;
Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?”
Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.