Dipesaleme 107:1 - BIBELE1 Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)1 Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.
Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.