Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 106:9 - BIBELE

9 A kgalemela Lewatle la Sufe, yaba le a psha; a ba tsamaisa madibeng jwalokaha eka ke sebataolong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A kgalemela Lewatle le Lefubedu, la epsha; a ba tsamaisa hara madiba jwaloka hoja ke nahathothe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 106:9
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa phatlola lewatle kapele ho bona, ba tshela lewatle mobung o ommeng; baphaladisi ba bona wa ba akgela bodibeng, jwaloka lejwe ha le akgelwa metsing a bilohang.


a fula ka metsu ya hae, dira tsa qhalana, a betsa mahadima, mme tsa phasaphasa.


O ile a apola lewatle, ha hlaha mobu o ommeng, batho ba tshela noka ka maoto; ka baka leo, a re mo thabeleng.


A phatlola lewatle ka lehare, a ba tshedisa, a emisa metsi jwaloka qubu.


“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.


Na hase wena ya neng a pshese lewatle, ya neng a pshese metsi a bodibabohalo? Ya neng a bule tsela bodibeng ba lewatle, hore ba lopolotsweng ba tle ba tsebe ho tshela?


O kgalemela lewatle, ebe o a le pshesa, dinoka tse phallang le tsona a di pshese. Bashane le Karamele di a omella, dithunthung tsa Lebanone tsona di pone.


A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ