“ ‘Jwale ke otlolletse letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka neelana ka wena matsohong a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesita, bao mekgwa ya hao ya bootswa e neng e ba hlabisa dihlong.
“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.
O tla phopholetsa e le motsheare, jwalokaha sefofo se phopholetsa lefifing, mme ha ho letho leo o tla atleha ho lona. O tla hatellwa, o amohuwe tsa hao kamehla, empa ha ho ya tla o namolela.
Ka baka leo, o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Morena Modimo wa hao, a tla o romella tsona, o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka dintho tsohle. Di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, ho fihlela di o timetsa.”
Yaba banna ba Juda ba dikete tse tharo ba theohela lehaheng le lefikeng la Etame, ba fihla ba re ho Samosone: “Na ha o tsebe hore re buswa ke Bafilesita? Jwale ntho ee, eo o re etseditseng yona, ke eng?” Samosone a re ho bona: “Ke ba entse seo ba nkentseng sona.”
Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona.
Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme a neelana ka bona matsohong a Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame-Naharaime, mme bana ba Iseraele ba sebeletsa Kushane-Rashataime ka dilemo tse robedi.