30 Empa Finease a ema, a ahlola ba molato, yaba lefu la sewa le a fela.
30 Ke ha Finease a hlaha, a pheteletsa Modimo, mme lefu leo la kgutsa;
Buki ya tswetsweng ke Abishua, Abishua ya tswetsweng ke Finease, Finease ya tswetsweng ke Eleasare, Eleasare ya tswetsweng ke Moprista e Moholo Arone.
Bokhopo ba hao bo senyetsa ba jwaloka wena, ho loka ha hao ho thusa ba jwaloka wena.
Ka baka leo, bana ba Iseraele ba ke ke ba tseba ho thulana le dira tsa bona; ba tla baleha dira tsa bona, hobane ba rohakilwe. Ha ke sa tla hlola ke eba le lona, haese feela ha le ka timetsa ntho eo e rohakehileng hara lona.