Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 106:19 - BIBELE

19 Ha ba le Horebe, ba ipopela namane, ba kgumamela setshwantsho se bopilweng ka kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba iketsetsa namane Horebe, ba kgumamela setshwantsho se tsholotsweng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 106:19
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba iketsetsa setshwantsho sa namane, ba re: ‘Ke ona modimo o re ntshitseng Egepeta!’ Kahoo ba etsa nyefolo e kgolo!


Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.”


Jwale Morena a otla setjhaba, hobane se ne se ile sa re Arone a se etsetse namane.


Matsatsing ao ba bopa namane, ba tlisetsa setshwantsho seo sehlabelo, ba thabela mesebetsi ya matsoho a bona.


Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, jwaloka ba bang ba bona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa nto ema sa bapala.”


Ke ne ke tshaba bohale ba Morena, le kgalefo eo a neng a le halefetse ka yona, hoo a neng a rata ho le timetsa. Empa le mohlang oo Morena a mmamela.


Ka nka ntho eo le entseng sebe ka yona, e leng namane eo le neng le e bopile, ka e tjhesa ka mollo, ka e sila, ya eba thuethue jwaloka lerole, ka e qhalla ka nokaneng e theohang thabeng.


Leha le le Horebe le ne le halefise Morena; Morena a le halefela hoo a neng a batle a le timetsa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ