Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.
Dipere tsa Faro, le dikariki tsa hae tsa ntwa, le bapalami ba hae, ba ile ba kena lewatleng, mme Morena a kgutlisetsa metsi a lewatle hodima bona, empa bana ba Iseraele bona ba tsamaya hara lewatle, mobung o ommeng.