Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 105:9 - BIBELE

9 selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, le kano eo a e entseng, a e etsetsa Isaka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 e leng selekane seo a neng a se hlabe le Abrahama, le kano eo a neng a e ane ho Isaaka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 105:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.


Ke tla etsa selekane pakeng tsa rona le wena, mme ditloholo tsa hao di tla ngatafala haholo.”


Jaka naheng eo, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane wena le ditloholo tsa hao ke tla le nea dinaha tsena tsohle. Ke tla tiisa kano eo ke neng ke e hlapanyetse ntatao Aborahama.


A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao.


Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.


Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.


Wa fumana a tshepahala ho wena, yaba o etsa selekane le yena; wa mo tshepisa naha ya Bakanana, le ya Bahete, ya Baamore, le Baperise, le Bajebuse, le Bagirigashe; wa e tshepisa le ditloholo tsa hae; jwale o phethile tshepiso ya hao, hobane wena o lokile.


Yaba Modimo o utlwa sello sa bona, mme Modimo a hopola selekane seo a neng a se etse le Aborahama, le Isaka, le Jakobo.


Ke tla phetha kano eo ke neng ke e etsetse bo-ntata lona, ya hore ke tla ba nea naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, e leng naha ena eo e leng ya lona kajeno.” Nna ka araba, ka re: “A ho be jwalo, Morena!”


Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.


Seo ke se bolelang ke sena: Molao o ileng wa etswa kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa etsolla selekane se ananetsweng pele ke Modimo, mme wa nyopisa tshepiso.


Ke moo Modimo a tiisitseng ka kano, kaha a ne a rata ho bontsha kahohlehohle majalefa a ditshepiso hore morero wa hae ha o fetohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ