Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.
Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.
Ke le abetse naha ya ditjhaba tsena tse sa ntsaneng di setse, le ya ditjhaba tsohle tseo ke di ripitlileng ho tloha Jorodane, ho ya fihla Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela, hore e be lefa la lona.
Yaba ke le nea naha eo le sa e sebeletsang, le metse eo le sa e hahang, mme la aha ho yona. La ja le ditholwana tsa masimo a morara le tsa masimo a mohlwaare, ao le sa kang la a lema.’
“ ‘Yaba ke le tlisa naheng ya Baamore ba neng ba phela mose wane ho Jorodane. Ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona. Naha ya bona ya eba ya lona, mme ka ba timetsa kapele ho lona.
Hoseng, ka letsatsi le hlahlamang la mokete wa Paseka, ba eja tse behilweng ke naha, e leng dikuku tse sa lomoswang, le diqhome tsa koro, ba di ja ka lona letsatsi leo.