31 A laela, ha hlaha diboba, le menwang, naheng yohle ya bona.
31 A bolela, mme ha tla dintsintsi le dinta dinaheng tsohle tsa bona.
A ba romela diboba tsa ba loma, le dihohwana tsa ba senyetsa.
Yaba Moshe le Arone ba tloha ho Faro; Moshe a ipiletsa ho Morena ka taba ya dihohwana tseo Morena a neng a di rometse ho Faro.
Morena a etsa kamoo Moshe a boletseng kateng; dihohwana tsa shwela ka matlung, le mabaleng, le masimong.
Jwale Morena a re ho Moshe: “O tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng, mme wena o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa.
Mohlang oo Morena o tla letsa molodi o bitsang dintsintsi tse tswang hole, melatswaneng ya Egepeta, le dinotshi tse tswang naheng ya Asiria.