Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 105:26 - BIBELE

26 A romela Moshe, mohlanka wa hae, le Arone eo a mo kgethileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 A roma Moshe, mohlanka wa hae, le Aarone, eo a neng a mo kgethile;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 105:26
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsela ya hao ya tsamaya lewatleng, le tselana tsa hao hara bodiba; empa ha ho ya boneng mohlala wa hao.


O rokelle majwe ao a mabedi hodima masela a setipe a mahetleng, e be majwe a kgopotso ya bara ba Iseraele. Arone o tla apara setipe se rokeletsweng majwe ao, hore Morena a tle a ba hopole.


Tloo he, jwale, ke tla o roma ho Faro, mme wena o ntshe setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.”


Jwale Morena a re ho Arone: “Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lehwatateng.” Arone a tsamaya, a teana le Moshe thabeng ya Modimo, a mo aka.


Moshe le Arone ba ya, ba fihla ba phutha baholo bohle ba bana ba Iseraele.


“Tsamaya, o yo bua le Faro, kgosi ya Egepeta, o re a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae.”


Morena a re ho Moshe: “Bona, ke o etsa hore o be jwaloka Modimo ho Faro, mme moholwane wa hao Arone e tla ba moporofeta wa hao.


Tsa akgela melamu ya tsona fatshe ka bomong, mme ya fetoha dinoha, empa molamu wa Arone wa metsa melamu ya dingaka.


Ke ile ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le lopolla naheng ya bokgoba. Ka romela Moshe ho le etella pele, ka mo romela a ena le Arone le Meriama.


Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.


“ ‘Hamorao ka romela Moshe le Arone, mme ka otla Egepeta ka diwa tseo ke ileng ka di etsa hara yona. Hamorao ka le ntsha moo.


Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Morena ya ileng a kgetha Moshe le Arone, bona ba ileng ba nyolla bo-ntata lona naheng ya Egepeta, le yena ke paki.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ