Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 105:16 - BIBELE

16 Jwale a dihela tlala lefatsheng, dijo tsohle tse ba phedisang a di fedisa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba o biletsa naha eo tlala, a honyetsa kotlo yohle ya bohobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 105:16
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla jwalokaha Josefa a ne a boletse. Tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta dijo di ne di le teng.


Ho ne ho se dijo lefatsheng lohle, hobane tlala e ne e le ya bojadikata, mme naha ya Egepeta le ya Kanana tsa ba tsa fellwa ke dijo ka baka la tlala.


Re ka shwela mahlong a hao ka baka lefe, rona le masimo a rona? Re rekelle le masimo a rona ka dijo, hore rona le masimo a rona re be makgoba a Faro. Re fe peo re tle re phele, re se ke ra shwa, le hore masimo a se ke a lala.”


Elisha o ne a ile a laela mosadi eo a neng a ile a tsosa mora wa hae bafung, a re: “Ema, o tsamaye, o falle le ba lelapa la hao, o yo jaka moo o ka jakang teng, hobane Morena o laotse hore tlala e be teng ka dilemo tse supileng.”


le veine, ho thabisa pelo ya motho; le ole, fahleho sa hae se be moropotsana, le dijo, ho matlafatsa mmele wa hae.


Bonang Morena, Morena mabotho, o kgatheng la ho amoha Jerusalema le Juda, tsohle tseo di iphedisang ka tsona, a di amohe dijo tsohle le metsi wohle.


A boela a re ho nna: “Bona mona, wena ngwana motho, ke tla fokotsa dijo Jerusalema. Batho ba tla ja ka tekanyo le ka tlhokomelo; le metsi ba a nwe ka tekanyo, ba tsielehile.


Ke tla le amoha dijo tsa lona, mme le tla apehelwa bohobe ka seboping se le seng ke basadi ba leshome. Ba tla le methela bohobe; le tla ja, empa le ke ke la kgora.


Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo?


Ke ile ka senya dijalo tsa lona ka phori, le ka boroku, le ka sefako, empa ha le a ka la kgutlela ho nna,’ ho rialo Morena.


“Jwale tlala ya wela Egepeta yohle le Kanana, matshwenyeho a eba maholo, mme bo-ntata rona ba hloka dijo.


Ka tadima, mme ka bona pere e tshehla ba ditau, lebitso la ya e palameng e le Lefu, mme a setswe morao ke Nqalo ya Bafu. Yaba ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore ba bolaye ka sabole, ka tlala, ka lefu, le ka dibatana tsa naha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ