34 Menahano ya ka e ke e mo kgahle; nna ke thabela Morena.
34 Nahano ya ka a e ke e o kgahlise. Ke tla etsa Jehova thabo ya ka.
Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla.
a mpa a thabela Molao wa Morena, Molao oo a o nahana motsheare le bosiu.
Ithoriseng ka lebitso la hae, lebitso la hae le halalelang, pelo tsa ba batlang Morena di ke di thabe.
Ditemoso tsa hao ke lefa la ka la mehla yohle, ke thabo ya pelo ya ka.
Ke latela ditemoso tsa hao, ke di rata haholo.
Thabelang Morena, le nyakalle, le nyakalle lona ba lokileng; le etse ditlatse, lona ba pelo di ntle.
Jwale nna ke tla thabela Morena, ke nyakallele ho pholoswa ke yena.
Ke hopola mesebetsi ya Morena, e, ke hopola dimakatso tsa hae, dimakatso tsa boholoholo.
Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.
Tseba hore bohlale bo jwalo moyeng wa hao; ha o ka bo fumana o tla ba le katleho kamoso, tshepo ya hao e ke ke ya fela.
“Pelo ya ka e tlotlisa Morena, moya wa ka o nyakalletse Modimo, Mopholosi wa ka;
Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!
Ka nka bukana eo e letsohong la lengeloi, ka e ja. Ka hanong e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi, empa yare hoba ke e kwenye, ya mpabela ka maleng.