Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 104:21 - BIBELE

21 ditawana di purumele diphofu tsa tsona, di batle dijo tsa tsona ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 ditawana di puruma, di batla kgapo, di batla dijo tsa tsona ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 104:21
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Na o ka tsomela tauhadi dinyamatsane, kapa tawana tsa yona wa di kgorisa ha di lapile,


Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo, ha madinyane a lona a ipiletsa ho Modimo, a lelera hohle ke ho hloka dijo?


Mahlo a bohle a lebeletse wena, hore o ba fepe ka nako e lokelang.


O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona, le madinyane a makgwaba ka tseo a di llelang.


Tshabang Morena, lona bahalaledi ba hae, hobane ba mo tshabang ha ba hloke letho.


Morena o bua tjena ho nna: “Ha tau le tawana di puruma hodima sefifi, leha sekgakgatha sa badisana se ka di futuhela, di ke ke tsa tshoswa ke mehoo ya bona, di ke ke tsa nyaroswa ke lerata la bona. Le Morena wa mabotho o tla theoha jwalo, ho tla lwanela Thabeng ya Sione le leralleng la yona.


Diphoofolo di dumaela habohloko! Mehlape ya dikgomo e a diila, e hloka makgulo; mehlape ya dikgutshwane le yona e a tsherema.


Dibatana tsa naha di a o bokollela, hobane metsi a dinoka a pshele pshi! Hlaha e tjhesitse le makgulo a lehwatata.


Lona dibatana tsa naha, se tshoheng letho, hobane makgulo a lefeella a ba matalana; fate se beha ditholwana tsa sona: Fate sa feiye le sa morara di beha haholo.


Na tau e ka puruma hara moru, ya puruma e sa bolaya nyamatsane? Na tawana e ka rora ka selaong sa yona, ya rora ho se seo e se tshwereng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ